Skip to main content
Sesotho | Letona Barbara Creecy: 2022/2023 Kabo Tekanyetso – Ntlo ya Seema ya Naha (NA)

Sesotho | Letona Barbara Creecy: 2022/2023 Kabo Tekanyetso – Ntlo ya Seema ya Naha (NA)

Sesotho | Letona Barbara Creecy: 2022/2023 Kabo Tekanyetso – Ntlo ya Seema ya Naha (NA)
18 May 2022

Modulasetulo wa Ntlo ya Hlomphehang;
Motlatsaletona wa rona Mme Makhotso Sotyu;
Modulasetulo ya Hlomphehang Mme Faith Muthambi le Ditho tsa Komiti;
Baduladitulo ba Ditheo tse itlalehang ho DFFE;
Molaodi-Kakaretso, Mme Nomfundo Tshabalala;
DiCEO tsa Ditheo tsa Setjhaba;
Bomme le bontate

Dumelang

Bosiung ba la 11 Mmesa Mofhd Thembisa Nomlala Mampodi ba Tikoloho ho tswa Sebakeng sa Baipehi sa Bophirima ba Quarry Road mane Motsetoropong wa eThekwini, o ne a eme ka hara metsi a morwallo a fihlang thekeng a tshwere setloholo sa hae se senyane dilemong, a ntse a sebetsa ho suthisa baahi bao a phelang le bona.

Ka ho sebedisa tlhahisoleseding e tswang kgokahanyong ya sathalaete, Mokgwatsamaiso wa Tlhokomediso ya Pele ho Nako ya Morwallo yena le Bomampodi ba Tikoloho ba ile ba kgona ho boloka maphelo ohle ntle feela le ba motho a le mong, ha Noka ya Palmiet e ne e hohola mahae a 450 setjhaba sa habo.

Ketsahalo ena ya hae e tsielehisang bosiu boo bo bosula e bontsha masisapelo a batho ka mora tlaleho ya Phetoho ya Tlelaemete ya Phanele ya Matjhaba ya 6th. Tokomane ena e nang le dikarolo tse tharo e netefatsa dikoduwa tse bakilweng ke phetoho ya tlelaemete jwalo ka tshoso e kgolo haholo ho batho, meruo le lefatshe la tlhaho kajeno.

Tshotleho ya baahi ba Sebaka sa Baipehi sa Bophirima ba Quarry Road e bontsha nnete e qotswang kgafetsa ya hore basadi le bana ka ho ikgetha, ba phelang maemong a bofuma, ke bona ba fokolang haholo ka baka la phetoho ya tlelaemete.

Empa Mofhd Nomlala le Bomampodi ba Tikoloho ba bang ba welang Lenaneong la Tsamaiso e Fetohang ya Bodulo bo Pela Dinoka, ba na le molaetsa wa bohlokwa o matla bakeng sa rona: setjhaba se fokolang ha se a lokela ho ikutlwa se sena matla ho hang ha se tobana le Phetoho ya Tlelaemete.

Sebakeng sa tseo bohatammoho, bo jwalo ka bona, bo kenyelletsa Setjhaba sa Bophirima ba Quarry Road, Motsetoropo wa eThekwini, le Yunivesithi ya Kwazulu Natala bo ka bapala karolo ya bohlokwa ya ho aha mamello ya tlelaemete ka hara setjhaba se fokolang.

Ka ha re tobana le potlako ya koduwa ya tlelaemete, mamello ya tlelaemete e lokela ho ahwa ho potoloha le mokgwatsamaiso mme kelohloko e ikgethang e tlameha ho lebiswa ho batho ba fokolang ka ho ikgetha, malapa le setjhaba.

Mosebetsi wa jwale wa Khomishene ya Mopresidente ya Tlelaemete ho tshehetsa ho thewa ha kopanelo ha Moralo Phetoho e Loketseng bakeng sa sa ditoboketso tsa Afrika Borwa o re bolella hore bohle ba anngweng ba tlameha ho ba karolo ya ho ntshetsa pele ditharollo; ho tlameha ho be le phepelo e lekanang ya dikotsi le menyetla e le hore basebetsi ba fokolang le setjhaba ba se ke ba jara boima ba phetoho le mokgwatsamaiso o ka atleha ha feela o re thusa ka maikemisetso a rona a ntshetsopele a akaretsang, e leng, ho kenyelletsa moruong, khiro le ho aha setjhaba se lekanang.

Ha re ntse re emetse Ntlo ena e hlomphehang haholo ho lekodisisa Setshwantsho sa Molao sa Tlelaemete re kenya tshebetsong akhithektjha ya hae bakeng sa ho phallo le boitlwaetso ba Phetoho ya Tlelaemete.

Ho ipapisitswe le Phehiso lekotsweng botjha eo ho Entsweng Qeto ya yona Boemong ba Naha (NDC) ho fokotsa ho ntsha mesi ha matlo a matala, re ntsheditse pele moralo wa Boipeelo ba Makala ba ho Ntsha Mesi (diSET) o hlalosang maikemisetso a ho fokotsa ho ntsha mesi bakeng sa makala a bohlokwa haholo a moruo. Mokgwatsamaiso wa ho aba diSET o tla qala selemo sa ditjhelete sa 2022/23.

Dilemo tse pedi tse fetileng, Kabinete e ile ya tjhaella monwana Lewa la Naha la Boitlwaetso ba Phetoho ya Tlelaemete. Ho fihlela ha kana, re ile ra tshehetsa bomasepala ba setereke ba 44 ho ntshetsa pele mawa a boitlwaetso ba phetoho ya tlelaemete. Mosebetsi wa jwale o kenyelletsa tshehetso ya ho netefatsa nyalanyo ya dintlha tsa bohlokwa tsa tlelaemete ka hara Merero e Nyalantsweng ya Ntshetsopele.

Sehlopha sa Tshebetso sa Mopresidente sa Ditjhelete tsa Tlelaemete, se etelletsweng pele ke Mong Daniel Mminele, se etelletse pele sehlopha sa setekgeniki ho utlwisisa dintlha ka botlalo tsa nyehelo ke dinaha tse tswetseng pele ho thaotha $8.5 bilione (R131 bilione) nakong ya dilemo tse tharo ho isa ho tse hlano tse latelang ho tshehetsa ho kenngwa tshebetsong ha NDC e lekotsweng botjha le ho qala Phetoho ya rona e Nang le Toka. 

Ditho tse hlomphehang,

Ditlaleho tsa moraorao tsa boraditaba di bakile hore ho be le pelaelo ka bokgoni ba Tshebeletso ya Boemo ba Lehodimo ho lepa diketsahalo tse mpe tsa boemo ba lehodimo le ho sireletsa baahi sekgahla sa phetoho ya tlelaemete. Ditlaleho tsena ha di a nepahala. Ditlhokomediso tsa boemo ba lehodimo di ntshitswe pele ho merwallo ho tloha ka 11-12 Mmesa mme di ile tsa fuwa tlhahisoleseding ya morao ka matla le ketsahalo ya boemo ba lehodimo, ho ya Tlhokomedisong ya Boemo ba 5 hoseng ha 11 Mmesa le Tlhokomediso ya Boemo ba 8 kapa sekgahla se seholo pele ho 8 pm bosiung boo.

Ho netefatsa, ho sa natse kgahello ya lekeno, bokgoni ba rona ba ho lepa ke ba maemo a hodimo ao re a fileng Tshebeletso ya Boemo ba Lehodimo ya Afrika Borwa tjhelete e kana ka R100 milione nakong ya dilemo tse tharo ho ntlafatsa moralotheo, ho qala ka R15 milione ka 2021-2022.

Ka ha le se le tseba, re tswela pele ho tobana le tshilafalo e mpe ya moya dibakeng tsa bohlokwa tse kgolo tsa indasteri tsa Kgutlotharo ya lekwa, Dihlabeng, le dibakeng tsa Waterberg-Bojanala.

Melawana bakeng sa ho kenngwa tshebetsong le ho qobella merero ya tsamaiso ya boleng ba moya sebakeng sa bohlokwa e tla phatlalatswa pele ho mafelo a 2022.

Ha jwale ho na le maipiletso a 10 a kgahlano le diqeto tse fapaneng tsa Mohlanka wa Naha wa Boleng ba Moya wa Lefapha mabapi le dikopo bakeng sa ho emiswa le o kgutlisetswa morao ha ho ikobela molao ka Maemo a Manyane ka ho Fetisisa a ho Ntsha Mesi le ho ntshwa ha Dilaesense tsa Nakwana tsa ho Ntshetsa Mesi Atemosefereng.

Le ha kwana a mang a maipiletso a ile a nehelanwa, a mang a ile a hanelwa. 

Ka lebaka la mokgwa o thata ebile o hohlanang wa ditabataba tse hlahisitsweng maipiletsoong a amohetsweng, ke kenya tshebetsong mokgwatsamaiso ho latela Karolo ya 3A ya Molao wa Naha wa Tsamaiso ya Tikoloho ho nkeletsa ka maipiletso.

Ke se ke gazetile dimemo bakeng sa ho thonya bakeng sa phanele ya ditsebi ho lekodisisa bobedi bopaki ba molomo le bo ngotsweng bo mabapi le dintlha tsena tsa bohlokwa. Dipehelo tsa Tshebetso di se di ngotswe mme di gazetile jwalo ka karolo ya memo ena.

Ditho tse hlomphehang,

Selemo se fetileng ke lokollotse Tlaleha ya Phanele ya Boemo bo Phahameng e hlahlobisitseng maano, melao le ditlwaelo tse amanang le tsamaiso, ho tswadisa, ho tsoma, kgwebisano le ho tshwarwa ha ditlou, ditau, mangau le ditshukudu.

Ka Phupjane 2021 Lefapha le lokollotse Boemo ba Maano ba nakwana bakeng sa ho hlahisa maikutlo a setjhaba ho ileng ha kenyelletsa tse ding tsa dikgothaletso tse bohlokwa haholo tsa phanele. Mokgwatsamaiso wa hlahisa maikutlo a setjhaba ho fumane ditshwaelo tse fetang 9000 ho tswa ho maikutlo a fapaneng haholo.

Ka tsela e nepahetseng, Lefapha le entse qeto ya ho tswela pele ka ntshetsopele ya Pampiri e Tshweu e mabapi le Poloko le Tshebediso e Bolokehang ya Mefutafuta ya Dintho tse Phelang tsa Afrika Borwa.

Pampiri e Tshweu e tla lekodisisiswa ke Kabinete ka kgwedi ya Phupjane selemong sona sena, mme ka mora moo e tla phatlalatswa bakeng sa hore ho hlahisa maikutlo a setjhaba.

Ha re a tlameha ho emela Pampiri e Tshweu ho etsa semolao dikatamelo tse ntjha le ditlwaelo ho ipapisitswe le dikgothaletso tsa Phanele ya Boemo bo Phahameng. Mehato e itseng e ka tswela pele hona jwale tlasa maemo ao ho utlwanweng ka ona.

Mabapi le taba ya indasteri ya ditau tse kwalletsweng, ke ikemiseditse ho theha Phanele ya Ditsebi ho bopa le ho okamela ho kenngwa tshebetsong ha lewa la ho tswa ka boithaopo bakeng sa ba labalabelang ho ba le seabo.

Ke dumela hore ka ho kgothaletsa le ho sebetsa le batho ba amehang, re ka ntshetsa pele lewa la boithaopo le ka fokotsang dikotsi, ho kenyelletsa ditlamorao tsa moruo wa selehae, ho theha mesebetsi le thekolohelo ya ditau ka botsona.

Phanele ena e tla hlalosa ka ho hlaka dipehelo tsa tshebetso, le dinako tsa ho phethala mosebetsi, hore ho tle ho kenngwe tshebetsong kgothaletso ya HLP, le qeto e tswang ho Kholokhuamo ya Palamente ya 2018 e mabapi le Ditau.

Afrika Borwa e boetse e hloka morero wa ho pholosa diphedi bakeng sa tshukudu tse tshweu, o nkang ho tsoma ho seng molaong e le koduwa, le bokgoni boo re nang le bona ba ho tswadisa ditshukudu tse tshweu ditikolohong tse laolwang bakeng sa maikemisetso a poloko, ka ho tshehetsa poloko ya ditshukudu mekgwatshebetso e phatlalletseng ya diphoofolo tse hlaha.

Ke dumela hore leano le jwalo le ka ntshetswa pele ka bohatammoho le beng ba poraevete ba ditshukudu, e leng se tla kenya tshebetsong dikgothaletso tsa Phanele boemong ba boithaopo bo tswelang bohle molemo. Ke kopile SANParks ho etella pele ntshetsopele ya morero o jwalo jwalo ka karolo ya bohlokwa haholo ya mosebetsi wa bona selemong sena sa ditjhelete.

Palamente e tjhaelletse monwana phetoho ya Tsamaiso ya Naha ya Tikoloho: Molao wa Mefutafuta ya Dintho tse Phelang.

Re ntse re le mokgwatsamaisong wa ho theha foramo ya thekolohelo ya diphoofolo tsa thoteng e tlang ho kgothaletsa poloko ya mefutafuta ya dintho tse phelang ebile di phedisana ka polokeho, boikarabelo le tshebediso ya batho esitana le tsamaiso ya diphoofolo tse hlaha.

Ditho tse hlomphehang,

Ke thabile kajeno ho tsebisa hore re phethetse ditseko tsa mobu tse 58 ho tse 66 ka hara dibaka tse sireleditsweng tse neng di supilwe bakeng sa ho rarollwa ka potlako nakong ya Seboka sa 8th sa Batho le Dipaka se neng se tshwaretswe Limpopo ka 2018. Kananelo ya ka e ikgethang e leba ho Khomishene ya ditseko tsa mobu le Letona Mme Thoko Didiza bakeng sa boetapele ba hae.

Se nngongorehisang haholo ke ditseko tsa mobu tse so kang di rarollwa ka hara Kruger National Park (KNP). Ke batla ho thoholetsa Boto ya SANParks le Tsamaiso ya Kruger National Park bakeng sa matla a matla ao ba a bontshang ho kopaneng le Bolaodi ba tsa Setso ho phethela ditseko tsa mobu tse thata ka mokgwa o kenyeletsang ba bangata e leng se leng molemong wa setjhaba se amehang.

iSimangaliso Wetland Park le SANParks pejana selemong sena ba ile ba tshwara diboka tsa batsetedi ho hohela matsete a makala a poraevete ka menyetla e metjha le e seng e le teng ya bohahlaudi.

Diboka tsa matsete ka bobedi di tlisa ka nako ya bohlokwa haholo ya Morero wa ho Iphumana le Kahobotjha ya Moruo ya kakaretso ya naha ya rona eo ho yona ho iphumana ha bohlahlodi le dintho tsa kgolo dintlheng tse ka hodimo tse hlano mmoho le matsete a moralotheo le bonamodi ba moruo o motala. 

Re hahamelletse pele ho diprojeke tse tsebisitsweng ho batsetedi ba tshehetsang ho thewa ha mesebetsi ho potlakisitsweng setjhabeng sa mahaeng se iphaphithang le dipaka moo teng ha jwale menyetla e mmalwa feela ya boiphediso bo bolokehang e leng teng.

Ka boikitlaetso ba ho etsa menyetla e mengata ya mesebetsi bakeng sa setjhaba sa selehae se makopanong a dibaka tse sireleditsweng le ho tshehetsa dikgwebo tse nyane le tse bohareng, selemong sena, Lefapha le tla tsetela haholwanyane ho tshireletso le poloko disebediswa tsa tlhaho. Ka tshebediso ya bohatammoho le SANParks, SANBI, le iSimangaliso, re tla etsa menyetla ya mesebetsi e 8 315 (ka tshebediso ya Potefolio ya (Tsamaiso ya Disebediswa tsa Tlhaho) ya NRM) e ikemiseditseng ho tsamaisa diphedi tse balehang, ho tsosolosa dibaka tse omeletseng tse senyehileng esitana le ho hlabolla dibaka tse mongobo tse senyehileng.

Ho feta moo, re tla etsa menyetla ya mesebetsi e meng e 2646 dibakeng tse sireleditsweng ka tshediso ya Lenaneo la rona la Tshireletso ya Tikoloho le Moralotheo le tlang ho ntlafatsa le ho ntjhafatsa moralotheo dibakeng tse sireleditsweng le ditweneng tsa dimela.

Ditho tse hlomphehang,

Ho boloka naha ya rona e hlwekile le ho fedisa matlakala a sa batleheng ebile a sa kgahleng e sa le karolo ya bohlokwa ya boitlamo ba rona ba ho fana ka tikoloho e dumellang bophelo bo botle bakeng sa bohle ho phela ho yona.

Selemong se fetileng, re phatlaladitse Melawana e mabapi le Boikarabelo bo tlamang bo Ekeditsweng ba Bahlahisi ka maikemisetso a ho fokotsa boima ho bomasepala ho fana ka ditshebeletso tsa matlakala ho phatlalla le naha.

Melawana bakeng sa ho sebetsana le matlakala a tswang ho dimela le diphoofolo, le ho etsa monontshwa ka matlakala a tswang ho dimela le diphoofolo, le yona e phatlaladitswe bakeng sa ho kenngwa tshebetsong e le ho tlosa matlakala thoteng le ho etsa diindasteri tse ntjha.

Ho ntlafatsa tsamaiso ya matlakala bomasepaleng, Lefapha le thusa ka ntshetsopele ya Merero ya bona Tsamaiso ya Matlakala e Nyalantsweng, le thupelo e mabapi le ditlwaelo tsa tsamaiso tse bolokehang tsa tsamaiso ya matlakala.

Lefapha le boetse le fana ka dipalangwang tse 22 ho bomasepala ba 19 ho phatlalla le naha. Ka boleng ba kakaretso ba R42 439 812.20 dipalangwang di kenyelletsa Diteraka tse Laetshang Dikhontheinara tsa Matlakala, Dikgofukgoru, diteraka tse tsamaisang matlakala, le diteraka tse ding tse hlokahalang ho tsamaisa matlakala ka hara dibaka tsena.

Ka tshebediso ya matsapa a tshehetso a provense le a masepala, lenaneo la Masepala la ho Hlwekisa le ho Talafatsa le ileng la etswa nakong ya selemo sa ditjhelete se fetileng le ile la shebana le thuto ya setjhaba, ho silafatsa, ho bomasepala ba 36 ho phatlalla le naha. Ke menyetla ya mesebetsi ka hodimo ho e 3000 e ileng ya thewa ha re ntlafatsa bophelo bo botle ba tikoloho matjhabeng ana.

Modulasetulo wa ntlo ya hlomphehang,

Batshwasi ba ditlhapi ke batho ba nang le seabo sa bohlokwa ho tshireletso ya dijo le kgolo ya moruo wa selehae. Selemong se fetileng re ile ra tobana le diphephetso tse ngata tse amanang e seng feela ho kabo ya ditokelo tsa ho tshwasa ditlhapi, empa hape mabapi le diphetho tse hopolelwang tsa ho phatlolwa ha lefatshe lewatleng le disebedisweng tsa ho tshwasa ditlhapi.

Tsohle tsena ho sebetsana le tsona e le ka nnete.

Ho netefatsa hore dikgwebo tsa ho Tshwasa ditlhapi di a bolokeha, Lefapha la rona le ntshetsa pele mananeo a tshehetso ka tshebedisano le Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le Bomasepala ba selehae ba bangata ao selemong sena a tshepamisang maikutlo ho tsebo ya kgwebo, tsamaiso ya ditjhelete le ho ntlafatswa ha ketane ya boleng. Re tla boela hape re nolofatsa ho rekwa ha disebediswa tsa ho tshwasa ditlhapi bakeng sa dikgwebo tse di hlokang

Diphetho tsa mokgwatsamaiso wa FRAP wa 2021 di ile tsa phatlalatswa ka la 28th Hlakola. Ha jwale re sebetsana le Maipiletso a bohle ba sa kgotsofallang mokgwatsamaiso ona.

Re kgetha Sehlopha se Ikemetseng sa Maipiletso se tla nkeletsa, jwalo ka Bolaodi ba Boipiletso, ho ya ka dintlha ka botlalo tsa boipiletso bo bong le bo bong ho netefatsa hore mokgwatsamaiso ke o nang le toka ebile o phethelwa ka nako.

Ke ka hona ke kgothaletsang baipiletsi ba nang le bokgoni le ba nang le thahasello esitana le batho ba anngweng ho kenya boipiletso ba bona ka la kapa pele ho hara mpa ya bosiu ka la 29 Motsheanong 2022.

Sekgahla sa diphuputso tsa lefatshe tse itshetlehileng ho mawatlehadi dibakeng tse sireleditsweng tsa rona tsa lewatleng le ka indasteri ya ho tshwasa ditlhapi ke tabataba e kgolo mahlong a setjhaba. Diphuputso tsena di entswe ho iphaphitha le lebopo la rona la lewatle ho tloha ka bo1950, mme Afrika Borwa e bile le seabo mokgatlong wa saense ya motheo mabapi le tabataba ena.

Ho netefatsa hore mehato ya pebofatso e sireletsa bobedi mokgwatsamaiso wa ntho tse phelang le disebediswa tsa rona tsa ho tshwasa ditlhapi, Lefapha le ikemisetsa ho ntshetsa pele lenaneo la diphuputso ka diphuputso lefatshe le dikgahla tsa tsona metsing a rona a selehae.

Phuputso ena e tla qala selemong sena e tla qala ka ho sheba morao ho fumana haeba ho na le sekgahla sefe kapa sefe se ka lekolwang dibakeng tsa mawatlehadi moo teng diphuputso tsa lefatshe di seng di etsahetse nakong ya dilemo tse mmalwa tse fetileng.

Ditho tse hlomphehang,

Ho rarolleng ho hapa ho seng molaong le ho bolawa ha diphoofolo tse hlaha le mofuta wa dimela tsa naha ya rona o seng o potlakisitswe ke mmuso le diprovense esitana le makala a anngweng haholo ke ditlolo tsena tsa molao di fumana tshehetsa e ngata ho tswa ho Lefapha lena.

Maqalong a Hlakola re ile ra nahanisisa dipalopalo tsa ho hapa ho seng molaong le ho bolawa ha ditshukudu bakeng sa 2021 mme le ha kwana re ananetse ho fokotseha ho mane Kruger National Park, kgatello ya ho hapa ho seng molaong le ho bolawa ho se ho tsheletse ho phatlalla le naha mme Kwazulu-Natala e se e le e nngwe ya dibaka tse boipeelo tsa bohlokwa haholo bakeng sa maqulwana ana a dinokwane. 

Ka lebaka la palo e tshosang ya ho hapa ho seng molaong le ho bolawa ka hara provense, disebediswa tsa bohlokwa haholo tsa lefapha di rometswe ho tshehetsa Ezemvelo KZN Wildlife le SAPS. Sena se kenyelletsa thuso ya ho bokella mautlwela le dipatlisiso tsa kopanelo, tshehetso ho bahlanka ba qobello ya molao le Batsamaisi ba Diopereishene tsa Kopanelo, ho kenyelletsa setsi sa taolo se mane Hluhluwe Imfolozi Park seo e leng karolo ya Dibaka tse Nyalantsweng tsa Diphoofolo tse Hlaha.

Mabapi le mosebetsi o etswang ke komiti ya bohlokwa tlasa Matsapa a 5 a Opereishene Phakisa, ngongoreho ya bohlokwa haholo e sa le taba ya tlhokeho e phahameng le ditheko tse phahameng tse lefshwang bakeng sa abalone di sa ntse di tswela pele ho hohela batho mona Afrika Borwa ho kena kgwebisanong ena e seng molaong. Ngongoreho e tshwanang le eo ke ho tloswa ho seng molaong ha Lobstara ya Fumanwang Majweng a Lebopo la Lewatle le ka Bophirima ho tswa mawatlehading. Ho fihlela ha kana Lefapha le tswela pele ho tsepamisa maikutlo ho boikitlaetso bo mabapi le qobello mabapi le ho lwantshwa diketso tsena tse seng molaong. 

Hore ho tle ho boele ho tsepamiswe maikutlo boikitlaetso ho phatlalla le tsamaiso ya disebediswa tsa abalone le ka moo ho ka thibelwang le ho lwantsha kgwebisano ena e seng molaong, Lefapha mmoho le batho ba amehang ba akaretsang ba tla ntshetsa pele karabelo ya mawa e kenyeletsang bohle ebile e akaretsa esitana le morero wa tshebetso bakeng sa ho thibela le ho lwantsha kgwebisano ya ho bokanyetsa ho seng molaong ha abalone

Modulasetulo wa ntlo ya hlomphehang,

E re ke phethele ka ho leboha Motlatsa Letona wa rona Mme Makhotso Sotyu, bakeng sa matla le tshehetso ya hae dibakeng tsohle tsa mosebetsi wa Lefapha la rona; diteboho tsa ka tsa nnete di leba ho Molaodi-Kakaretso Mme Nomfundo Tshabalala bakeng sa tsamaiso ya hae e tsitsitseng e phethahetseng ya mesebetsi e mengata e thata ebile e fapane eo a e etelletseng pele.

Ke leboha ho tswa boteng ba pelo ya ka sehlopha sa Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho esitana le Baduladitulo ba Biboto le diCEO le batsamaisi ba Ditheo tsa rona bakeng sa boikemisetso ba bona ho ditaba tsa tikoloho le tshebediso e bolokehang ya disebediswa tsa tlhaho tsa naha ya rona.

Ya ho qetela e ntseng e le bohlokwa le yona diteboho tsa ka di ya ho Komiti ya Potfoliyo e etelletsweng pele ke ya sa hlolweng ke letho Moh Faith Muthambi bakeng bakeng sa ho dula o re etsa re dule re fadimehile!

Ke a le leboha

About

We are professional and reliable provider since we offer customers the most powerful and beautiful themes. Besides, we always catch the latest technology and adapt to follow world’s new trends to deliver the best themes to the market.