Skip to main content

Tjhebokakaretso ya taelo le tsamaiso ya Lefapha la Meru, Indasteri ya DitlhapiBotshwasi le Tikoloho

Tjhebelopele, thomo, makgabane a bohlokwa

 

Tjhebelopele

Setjhaba se atlehileng le se nang le tekatekano se phelang ka kutlwano le mehlodi ya rona ya tlhaho.

Thomo

Ho fana ka boetapele mabapi le tsamaiso ya  tikoloho, paballo le tshireletso  mabapi le ntshetsopele  molemong wa baahi ba Aforika Borwa le lefatshe ka  bophara.

Makgabane a bohlokwa

Re susumetswa ke  Tjantello ya rona jwalo ka bahlokomedi le manqosa a  tikoloho, re  tlameha ho ba mafolo-folo le ho kgothaletsa menahano e metjha le ditharollo tsamaisong ya tikoloho tse  thehilweng hodima mokgwa o shebaneng le ho beha batho pele o ananelang bohlokwa ba Batho Pele, hobane ha re beha batho ba rona pele re ka ba sebeletsa ka Botshepehi, mme motswako wa bohlokwa ke ho ba le mokgatlo o Susumetswang ke tshebetso e ntle jwalo ka mokgatlo wa rona.

 

Tjantjello

  • Re na le  tjantjello bakeng sa makgabane a rona mme re phela ka ona mesebetsing ya rona ya letsatsi le letsatsi
  •  Re ikemiseditse ka mosebetsiwa rona mme re etsa mesebetsi e eketsehileng ho feta kamoo ho hlokahalang
  • Re motlotlo ka  taelo ya rona, thomo le tjhebelopele ya rona
  • Jwalo ka bahlokomedi le manqosa a tikoloho, re fana ka tshebeletso ya boleng bo phahameng setjhabeng sa Aforika Borwa
  • Re aha le ho kgothaletsa tikoloho ya mosebetsi e nang le morolo le e kgothatsang
  • Re kgothatsa  le ho buella maikutlo a rona, melaetsa le  serithi sa rona

 

Ho beha batho pele

  • Re bontsha  bolokolohi le  maikemisetso a ho ithuta le ho tshehetsa ba bang maikemisetsong a bona a ho ithuta le ho  atolosa matla a bona
  • Re hlompha le ho  ananela matla a motho e mong le e mong
  • Re bontsha  kutlwelo-bohloko ha re sebetsa le batho ba bang
  • Re bontsha  boemo bo porofeshenale le boitshepo, le maemong a boima
  • Re sebedisa bolaodi bo nang le mosa ho ba bang
  • Re a tshehetsana le ho thusana
  • Re kgothaletsa tekatekano pakeng tsa mosebetsi le bophelo

 

Botshepehi

  • Re etsa diqeto tse nang le kutlwisiso  molemong wa ho ntlafatsa diphetho le ho laola dikotsi tse ka hlahang
  • Re  itshwara hantle  mme re sebetsana le ho lokisa boitshwaro bo sa lokang
  • Re dumella le ho mema dipuisano tsa nnete –  re mamela pele, hore re utlwisisane
  • Re hlompha le ho ananela batho bohle, ka hare le ka ntle ho mokgatlo, ka lebaka la  dimelo tse fapaneng, matla, ditlwaelo le mehopolo, ho sa  tsotelehe maemo a bona
  • Re  a tshepahala mme re phethahatsa boitlamo le ditshepiso tsa rona ho ba bang
  • Re beha  lenanetsamaiso la Lefapha la Meru,  Botshwasile Tikoloho (DFFE) ka pele, ho  fapana le ho latella dithahasello tsa rona
  •  Re tshehetsa qeto ha e nkuwe mme re tshehetsa le ho bontsha maikutlo a matle ka ba bang esita le moo re fapanang ka maikutlo

 

Tshebetso

  • Re tsepamisitse maikutlo  dibakeng tsa rona tsa bohlokwa  tsa sephetho mme re laola mesebetsi e fokotsang  phihlello ya bona kapa e se nang seabo se setle ho tsona
  • Re amohela boikarabelo bakeng sa diqeto, diketso le  diphetho tsa rona
  • Re sebetsa jwalo ka  sehlopha,  mme re sebedisa matla a batho ba fapaneng ho fihlella diphetho tsa rona
  • Re bontsha  bokgoni ba ‘ho ka etsa ntho e itseng’  mme re phehella ho fana ka diphetho ka potlako
  • Re thusa ba bang ho  etsa mosebetsi o kgabane ka ho fana ka maikutlo a  nnete le ho tshehetsa  merero ya bona e fapaneng ya ntshetsopele.
  • Re  kenyelletsa batho bohle ba amehang  mererong ,  maikemisetsong le diqetong tsa rona

 

Ho nka mehato esale pele

  • Re kgothaletsa mehopolo e metjha le ditharollo
  • Re  sebedisa saense e  hlwahlwa, tsebo le tshebetso
  • Re na le mehopolo e bulehileng,  mme re ikemiseditse ho mamela le ho ithuta  ho ba bang
  • Re  phehella ntlafatso mme re kgothaletsa le ho tshehetsa phetoho
  • Re bontsha tshebedisanommoho mafapheng kaofela a mokgatlo le ho heletsa mekgatlo e teng ya majela-thoko
  • Re sebetsa  hammoho le balekane le bathahaselli ba rona, ho theha le ho phehella  maikemisetso a tshwanang

 

Tjhebokakaretso ya  taelo le  tsamaiso ya Lefapha la Meru, Indasteri ya DitlhapiBotshwasi le Tikoloho

 Taelo ya molao le kgwebo e ka sehloohong ya Lefapha la Meru, Indasteri ya DitlhapiBotshwasi le Tikoloho (DFFE) ke ho laola, ho sireletsa le ho baballa tikoloho le mehlodi ya tlhaho ya Aforika Borwa.  Taelo ena e bontshitswe karolong ya 24 ya  Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa (Molao wa. 108 wa 1996), o nehang motho e mong le e mong tokelo ya (a) tikoloho e se nang kotsi bophelong  bo botle kapa boiketlong ba  bona; le (b) ho ba le tikoloho e sireletsehileng  molemong wa meloko ya jwale le e tlang, ka melao e utlwahalang le mehato e meng.

 Ho phethahatsa tokelo ena ya  molaotheo wa tikoloho le  tlhokeho ya tsamaiso  e nepahetseng ya tikoloho le ntshetsopele e  tsitsitseng, Lefapha la Meru,  Botshwasi le Tikoloho (DFFE) nakong e telele le ile la ntshetsa pele  moralo wa taolo o akaretsang  wa melao/melawana ya tsamaiso ya tikoloho. Moralo ona wa taolo o kenyeletsa melao ya palamente (melao ya tikoloho), melawana,  maano, ditlwaelo le maemo, le  disebediswa tse ding tsa  taolo tseo sepheo sa tsona e leng ho kgothaletsa tshebetso  e ntle  ya tsamaiso ya tikoloho  mabapi le ho sireletsa le ho baballa tikoloho  molemong wa meloko ya ha jwale le e tlang.

Hodima ntshetsopele, ho kenngwa tshebetsong le  tlhahlobo e tswelang pele ya moralo wa taolo, o tswelang pele bakeng sa  tsamaiso e nepahetseng ya tikoloho,  mehato e meng e bohlokwa  ya tsamaiso ya tikoloho ya Lefapha la Meru,  Botshwasi le Tikoloho (DFFE) e kenyeletsa  tlhokomediso mabapi le ditaba tsa bohlokwa tsa tikoloho le ho kgothaletsa  moetlo wa tshebetso hara baahi ba tlwaelehileng, ho aha bokgoni ka hara lekala, le ho theha le ho matlafatsa dikamano tsa naha, tsa dibaka le tsa lefatshe ka bophara ho rarolla mathata a tlwaelehileng a tikoloho.

Tjhebelopele ya nako e telele ya Lefapha la Meru,  Botshwasi le Tikoloho (DFFE) ke ho  ba le “setjhaba se atlehileng le se nang le tekatekano  se phelang ka kutlwano le mehlodi ya rona ya tlhaho”, jwaloka  ho hlalositswe moralong wa  leano la nako e  bohareng. Ho tshehetsa phihlello ya tjhebelopele ena, Lefapha la Meru,  Botshwasi le Tikoloho (DFFE) le hlwaile  dipheo tse hlano tsa leano, tse latelang:

  • Tlatsetso ya moruo wa tikoloho  e ntlafaditswe;
  • Botshepehi ba Tikoloho/Bophelo Tikolohong bo sireleditswe le ho  ntlafatswa;
  • Phetoho setjhabeng ka hara metse ya rona;
  • Lenanetsamaiso la lefatshe ka bophara le matlafaditswe le boikarabelo bo phethahaditswe; le
  • Lefapha le nang le bokgoni le  le sebetsang hantle.

Lefapha la Meru, Botshwasi le Tikoloho (DFFE) le hlophisitswe ka mananeo a robong a tekanyetso. Lenaneo le leng le le leng  le latela sehlopha sa diphetho tsa maano tse hlwauweng, tse reretsweng ho fihlella boitlamo ba Lefapha la Meru, Botshwasi le Tikoloho (DFFE) mabapi le moralo wa leano wa dilemo tse hlano le hore qetellong ho fihlellwe tjhebelopele ya nako e telele ya Lefapha la Meru, Botshwasi le Tikoloho (DFFE).

 

Mananeo, merero le diphetho tsa maano

Lenaneo la 1: Tsamaiso 

  • Sepheo: Ho fana ka maano a boetapele, tsamaiso le ditshebeletso tsa tshehetso ho lefapha
  •  Diphetho tsa Maano:
    • Puso e nepahetseng le ho ipapisa le ditlhoko tsa molao le tsamaiso e sebetsang hantle ya ditjhelete
    • Seabo se ntlafaditsweng sa phetoho  ya moruo wa setjhaba le matlafatso ya  ditjhaba tse neng di hloka menyetla pele
    • Basebetsi  ba nang le tsebo le bokgoni bo lekaneng bo fetotsweng mme  bo emela palo ya batho ba  Aforika Borwa  ya morabe le bong
    • Bokgoni ba basebetsi bo ntlafaditsweng lefapheng

 

Lenaneo la 2: Boikamahanyo le Melao le Tlhokomelo ya Lefapha

  • Sepheo: Ho kgothaletsa ntshetsopele e dumellang bolaodi ba molao le tsamaiso ya tumello ya laesense e kgothaletsang phethahatso le boikamahanyo, le ho netefatsa  kgokahanyo ya tshebetso lefapheng
  •  Diphetho tsa Maano:
    •  Boikamahanyo bo ntlafetseng ba tikoloho le ho lwantsha dintho tse tshosetsang tikoloho
    •  Merero e tsamaellanang le melao ya  tsamaiso ya tikoloho,  tsamaiso, dithulusi le disebediswa
    • Bokgoni ba basebetsi bo ntlafaditsweng lefapheng

 

Lenaneo la 3: Mawatle le Mabopo a Mawatle

  • Sepheo: Ho kgothaletsa, ho laola le ho fana ka boetapele ba maano mawatleng le paballo ya mabopo a mawatle
  •  Diphetho tsa Maano:
    • Ditshosetso ho botshepehi ba tikoloho di a laolwa mme di baballa tikoloho
    • Tsebo e matlafaditsweng, saense le  kgokahano ya maano

 

Lenaneo la 4: Phetoho ya Boemo ba Lehodimo, Boleng ba Moya le Ntshetsopele e Tsitsitseng

  • Sepheo: Ho etella pele, ho kgothaletsa, ho  nolofatsa, ho fana ka tlhahisoleseding, ho beha leihlo le ho lekola karolo e ka sehloohong ya  botsitso ba tikoloho,  tlhahiso e tlase ya khabone, le  matla a boemo ba lehodimo le boleng ba moya  bakeng sa phetoho ya ntshetsopele e tsitsitseng ya Aforika Borwa
  •  Diphetho tsa Maano:
    • Phetoho e nepahetseng ho moruo o tlase wa khabone le  setjhaba se kgonang boemo ba lehodimo
    • Dintho tse tshosetsang boleng ba tikoloho le  bophelo bo botle ba batho di fokotswe
    • Tshebedisano-mmoho ya matjhaba  e tshehetsang dintho tsa bohlokwa  tsa ntshetsopele ya tikoloho/tswelopele ya Aforika Borwa

 

Lenaneo la 5: Mefuta e Fapaneng  ya  Bophelo le Paballo 

  • Sepheo: Ho etsa bonnete ba  hore ho na le taolo le  tsamaiso ya ditaba tsa mefuta e fapaneng ya bophelo, lefa le paballo ka tsela e tshehetsang le kgolo ya moruo o  tsitsitseng le ntshetsopele
  •  Diphetho tsa Maano:
    • Paballo ya  tikoloho ya dintho tse phelang di laolwa le ho sebediswa ka mokgwa o  tsitsitseng
    •  Ditshosetso ho mefuta e fapaneng ya bophelo di fokotsehile

Phihlello e  ntlafetseng, kabo ya melemo e se nang leeme le e lekanang

 Lenaneo la 6: Mananeo a Tikoloho

  • Sepheo: Ho kenya tshebetsong lenaneo le atolositsweng la mesebetsi ya setjhaba le diprojeke tsa moruo  wa tikoloho lefapheng la tikoloho
  •  Diphetho tsa Maano:
    • Ho thehwa ha mesebetsi e mengata e nang le serithi le botsitso, bakeng sa batjha, basadi le batho ba nang le boqhwala  e behilwe ka sehloohong
    • Tsosoloso le ho laola  tikoloho ya dintho tse phelang
    • Tsamaiso ya kopanelo ya mollo
    • Moralo wa Motheo,  kamahanyo le ho fokotsa  dikoduwa
    • Bokgoni ba basebetsi bo ntlafaditsweng lefapheng

 

Lenaneo la 7: Tsamaiso ya Dikhemikhale le Ditshila

  • Sepheo: Ho laola le ho etsa bonnete ba hore  maano le melao ya tsamaiso ya  dikhamikhale le ditshila e kenngwa tshebetsong le boikamahanyo le tumello ya tsamaiso ya dikhemikhale le ditshila, ditaelo le ditumellano
  •  Diphetho tsa Maano:
    •  Ditshosetso ho boleng ba tikoloho le  bophelo bo botle ba batho di fokotsehile
    •  Lekala la mmuso wa lehae le nang le bokgoni  bo lekaneng bo ka kgonang ho phethahatsa mosebetsi wa bona wa tsamaiso ya tikoloho ka katleho

 

Lenaneo la 8: Tsamaiso ya Meru

  • Sepheo: Ho ntshetsa pele le ho  nolofatsa ho kenngwa tshebetsong wa maano le mananeo  a rerilweng ho etsa bonnete ba hore ho na le tsamaiso ya meru, tshebediso e tsitsitseng le tshireletso ya mobu le metsi, le tsamaiso  ya dikotsi tsa temo le dikoduwa
  •  Diphetho tsa Maano:
    • Tlhahiso e tsitsitseng ya meru ya mmuso
    • Lekala la meru le fetotsweng hore le tsamaellane le moralo o ka sehloohong
    • Meru ya tlhaho e tsamaiswa  le ho laolwa ka mokgwa o tsitsitseng
    • Ditshosetso ho boleng ba tikoloho le  bophelo bo botle ba batho di fokotsehile

 

Lenaneo la 9:  Tsamaiso ya Botshwasi

  • Sepheo: Ho  netefatsa botsitso,  tshebediso le phihlello e laolehang ya mehlodi e phelang ya mawatle ka  tsamaiso le taolo e ntlafaditsweng
  •  Diphetho tsa Maano: 
    • Moralo wa taolo o sebetsang hantle le o thusang ka  tsamaiso le ntshetsopele ya mawatle le ya mehlodi e phelang metsing a hlwekileng (mawatle, mabopo a mawatle, dinoka le matamo)
    •  Lekala le tsamaiswang hantle la botshwasi le temo ya metsing le tsitsitseng le le ntlafatsang le ho ntshetsapele kgolo ya moruo
    • Maemo a moruo wa setjhaba bakeng sa  ditjhaba tse tshwasang a ntlafaditswe

About

We are professional and reliable provider since we offer customers the most powerful and beautiful themes. Besides, we always catch the latest technology and adapt to follow world’s new trends to deliver the best themes to the market.